BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 48 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Motse wa Modimo ha o na ho atamelwa.

Sefela. Pesaleme ya bara ba Kore.

1. Jehova o moholo, o tshwanetse ho rokwa motseng wa Modimo wa rona, thabeng ya hae e halalelang.

2. Thaba ya Sione e phahame ka botle, ke thabo ya lefatshe lohle; moo e hlanamelang leboya ke motse wa Morena e moholo.

3. Matlung a teng a borena, Modimo o ipontshitse hoba ke qhobosheane.

4. Hobane bonang, marena a ne a bokane ho futhuhela motse hammoho.

5. A bona, mme a tsieleha hang; a tshoha, mme a baleha;

6. yaba a tshwarwa ke thothomelo le ke matswalo a kang a mosadi ha a beleha;

7. ha eba jwaloka mohla moya wa botjhabela o robakanyang dikepe tsa Tarshishe.

8. Seo re neng re se boleletswe, re iponetse sona motseng wa Jehova wa makgotla, motseng wa Modimo wa rona; Modimo o o tiisitse ka ho sa feleng. (Sela.)

9. Oho Modimo, re hopola mohau wa hao, ha re le tempeleng ya hao.

10. Thoko ya hao, Modimo, le lebitso la hao, a di ke di tume ho isa dipheletsong tsa lefatshe! Seatla se setona sa hao se tletse ho loka.

11. Thaba ya Sione a e ke e thabe, mme baradi ba Juda ba nyakalle ka baka la dikahlolo tsa hao.

12. Potang Sione le marako a hae, le bale ditora tsa hae,

13. le hlahlobe diqhobosheane tsa hae, le lekole matlo a borena a teng, le tle le tsebe ho bolella meloko e tlang ho tla.

14. Hobane Modimo oo ke Modimo wa rona kamehla le ka ho sa feleng; o tla re tsamaisa ho isa le lefung.