BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 46 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Modimo ke setshabelo sa rona.

Ho monga baphokodi. Pesaleme ya bara ba Kore. Pina e binwang ka Alamothe.

1. Modimo ke setshabelo sa rona le matla a rona, ke thuso e fetisisang ditsietsing.

2. Ka baka leo, re ke ke ra tshoha, leha lefatshe le ka sisinyeha, mme dithaba tsa tsokotseha mahareng a mawatle;

3. leha maqhubu a wona a ka duma, a ntsha mafilo, mme bohale ba wona ba sisinya dithaba! (Sela.)

4. Noka e teng eo melatswana ya yona e nyakallisang motse wa Modimo, sehalalelo sa meaho ya Mookamedi ya phahameng.

5. Modimo o mahareng a wona; o ke ke wa sisinyeha; o fuwa thuso ke Modimo e sa le mafube a meso.

6. Ditjhaba di mohorohoro, mebuso e a sisinyeha. Modimo o utlwahatsa lentswe la wona, lefatshe le a qhibiliha.

7. Jehova wa makgotla o na le rona, Modimo wa Jakobo ke qhobosheane ya rona! (Sela.)

8. Tloong, le bohe diketso tsa Jehova, kamoo a sentseng lefatshe kateng.

9. O fedisitse dintwa le ho isa pheletsong ya lefatshe, o robile diqha, a robakanya marumo, a tjhesa makoloi a ntwa mollong.

10. Tlohelang, mme le tsebe hoba ke nna Modimo o busang ditjhaba, o busang lefatshe!

11. Jehova wa makgotla o na le rona, Modimo wa Jakobo ke qhobosheane ya rona! (Sela.)