BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 41 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Thapelo ya mobadi ya teetsweng hare ke ba mo hloileng.

Ho monga baphokodi. Pesaleme ya Davida.

1. Ho lehlohonolo ya hlokomelang ya lesitsi!

2. Jehova o tla mo lwela! Ka le tsatsi le lebe, Jehova o tla mo sireletsa, a mo phedise; e tla ba motho ya lehlohonolo lefatsheng. O ke ke wa mo neela thatong ya bao e leng dira ho yena.

3. Jehova o tla mo tshehetsa, ha a le diphateng tsa bolwetse; o lokisa malao a hae kaofela bohlokong ba hae.

4. Ke ne ke itse: Jehova, o nkutlwele bohloko, o fodise moya wa ka, hobane ke o sitetswe.

5. Bao e leng dira ho nna ba ntsheba ka dipolelo tsa bolotsana, ba re: O tla shwa neng, lebitso la hae le tla fela neng?

6. Leha e mong wa bona a ka tla mpona, puo ya hae ke leshano; pelo ya hae e ipokeletse tsa bolotsana; ha a se a tlohile, o ya bo hasa kantle.

7. Bohle bao e leng dira ho nna ba wewetsana hodima ka, ba mpea molato ka kotsi e ntlhahetseng, ba re:

8. Lefu le lebe le ho yena; jwale, o rapaletse, ha a sa tla hlola a tsoha.

9. Esita le monna ya kgotsitseng ho nna, eo ke neng ke mo tshepile, ya neng a eja bohobe ba ka, o nthahile ka serethe.

10. Empa wena, Jehova, o nkutlwele bohloko, o ntsose, ke tle ke tsebe ho ba buselletsa se ba lokelang.

11. Pontsho ho nna ya hobane o a nthata, ke hoba ha o lese eo e leng sera ho nna hore a ithoke ka nna.

12. O mpolokile tokeng ya ka, mme o tla mpea pela hao ka ho sa yeng kae.

13. Ho roriswe Jehova, Modimo wa Iseraele, ho tloha ho bo sa qaleng, ho isa ho bo sa feleng! Amen, e, amen!