BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Bomadimabe ba ya lahlileng. Modimo le bomadimatle ba ya nang le kopano le wona.

Ho monga baphokodi. Pesaleme ya Davida, mohlanka wa Jehova.

1. E mobe o mamela bolotsana pelong ya hae, ho tshaba Jehova ha ho yo pela mahlo a hae;

2. hobane ka mokgwa wa ho bona ha hae, o iqeka e le yena hore ho ke ke ha fihlelwa bokgopo ba hae e leng ho hloya.

3. Ditaba tsa molomo wa hae ke bokgopo le thetso, o lesitse ho hlalefa le ho etsa botle.

4. O rera bokgopo diphateng tsa hae; o ya ka tsela e seng molemo; ha a na ho hloya bobe.

5. Jehova, mohau wa hao o phahame ho isa mahodimong le botshepehi ba hao ho isa marung.

6. Ho loka ha hao ho ka ka dithaba tsa Modimo, dikahlolo tsa hao di tebile jwaloka lewatle. Jehova o baballa batho le diphoofolo.

7. Modimo, mohau wa hao o rateha hakakang! Bana ba batho ba balehela moriting wa dipheo tsa hao;

8. ba kgora ke nala ya ntlo ya hao, o ba nosa dinokeng tsa menate ya hao.

9. Hobane sediba sa bophelo se ho wena; re bona lesedi leseding la hao.

10. O bolokele ba o tsebang mohau wa hao, o nne o fe ba pelo di lokileng ho loka ha hao;

11. Leoto la boikgohomoso le se ke la nkgatakela, letsoho la ba babe le se ke la mpalehisa!

12. Ba bolotsana ba se ba ya wa, ba dihilwe; ha ba sa tla hlola ba tsoha.