BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Sefela sa hosasa sa mohlomohi.

Pesaleme ya Davida ya mohla a balehang pela Absalome, mora hae.

1. Jehova, bao e leng dira ho nna ba bangata hakakang! Ba bangata hakakang ba ntsohelang matla!

2. Ba bangata hakakang ba reng bakeng sa moya wa ka: Ha a sa na polokeho ho Modimo. (Sela.)

3. Empa wena, Jehova, o thebe e ntshireletsang, o kganya ya ka, hlooho ya ka e eme ka wena.

4. Ke bitsa ho Jehova ka lentswe la ka, mme o nkaraba a le thabeng ya hae e kgethehileng. (Sela.)

5. Ke a sekama, ke robale boroko, mme ke boele ke phaphame, hobane Jehova o a ntiisa.

6. Ha ke tshohe dikete tsa batho ba ntikileng ho ntwantsha.

7. Tsoha, Jehova; o mpoloke, Modimo wa ka; etswe e le wena ya robang mohlahare wa dira tsa ka kaofela, o thuhang meno a bakgopo.

8. Poloko e tswa ho Jehova! Lehlohonolo la hao ha le ke le be hodima setjhaba sa hao. (Sela.)