BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Thapelo ya mohloriswa ya se nang molato ha a hlolohetswe ntlo ya Modimo.

Pesaleme ya Davida.

1. Nkahlolele, Jehova! hobane ke phela ka toka ya ka; ke itshepetse Jehova, ha ke sisinyehe.

2. O ntekole, Jehova, o batlisise ho nna! O leke letheka la ka le pelo ya ka!

3. Hobane mohau wa hao o pela mahlo a ka, mme ke latela nnete ya hao.

4. Ha ke dule le batho ba ratang leshano, ha ke etelane le baikaketsi.

5. Ke hloile mokgatlo wa ba bolotsana, ha ke dudisane le batho ba babe.

6. Ke hatlela matsoho a ka ho lokeng, ke pota aletare ya hao, Jehova,

7. ke ntse ke kgeleketsa lentswe la diteboho le ho bolela mehlolo ya hao kaofela.

8. Jehova, ke rata leaho la ntlo ya hao, le nqalo moo kganya ya hao e leng teng.

9. O se ke wa tlosa moya wa ka le baetsadibe, leha e le bophelo ba ka le ba batho ba madi,

10. ba tshwereng polao matsohong a bona, mme seatla sa bona se setona se tletse dineo tsa qeko!

11. Haele nna, ke tla nne ke tsamaye ka toka ya ka; o mpoloke, o nketse ka mohau!

12. Leoto la ka le tiya tseleng e lokileng. Ke tla roka Jehova diphuthehong.