BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Modimo o itshenolela batho ka mesebetsi ya wona le ka lentswe la wona.

Ho monga baphokodi. Pesaleme ya Davida.

1. Mahodimo a bolela kganya ya modimo, mme sebaka sa lehodimo se bonahatsa mosebetsi wa diatla tsa wona.

2. Letsatsi le ho pakela letsatsi le leng, bosiu bo ho tsebisa bosiu bo bong.

3. Hase polelo, hase mantswe ao modumo wa wona o sa utlwahaleng.

4. Tumo ya tsona e hasane lefatsheng lohle, dipolelo tsa tsona di ile pheletsong ya lefatshe. O hlometse letsatsi ntlo ya lona teng;

5. le tloha jwaloka monyadi ha a tloha tlung ya hae, le thaba jwaloka mohale ya mathelang lephallong;

6. le tloha pheletsong ya mahodimo, mme phallong ya lona le fella pheletsong e nngwe: ha ho letho le ipatelang lebatama la lona.

7. Molao wa Jehova o lokile, o kgatholosa moya; bopaki ba Jehova bo a tshepeha, bo hlalefisa sethoto.

8. Ditemoso tsa Jehova di lokile, di thabisa pelo; ditaelo tsa Jehova di hlwekile, di edisa mahlo.

9. Tshebeletso ya Jehova e hlwekile, e hloleha kamehla; dikahlolo tsa Jehova ke nnete, di lokile kaofela;

10. di fetisa kgauta ka theko, le kgauta e ngata e tshekehileng, di fetisa le dinotshi ka monate, le tse rothang kgekgeng ya tsona.

11. Mohlanka wa hao o ediswa ke tsona; ho bolokweng ha tsona ho na le moputso o moholo.

12. Ke mang ya ka lemohang diphoso tsa hae kaofela? O ntshwarele tse nkgakileng!

13. Hape, o boloke mohlanka wa hao ho baikakasi, ba se ke ba rena hodima ka; ke moo ke tla hloka ho nyatseha, mme etlaba ke sesefile ditlolo tse kgolo.

14. O amohele mantswe a molomo wa ka, o kgahliswe ke ho nahana ha pelo ya ka, wena, Jehova, lefika la ka le monamoledi wa ka!