BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 141 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Thapelo ya ka phirima mehleng ya tsietsi.

Pesaleme ya Davida.

1. Jehova, ke bitsa ho wena, o phakise ho tla nthusa! o sekehele lentswe la ka tsebe, ha ke bitsa ho wena!

2. Thapelo ya ka a e ke e nyolohele jwaloka dibano tse nkgang hamonate pela hao, le kemiso ya matsoho a ka e be jwaloka sehlabelo sa mantsiboya!

3. Jehova, bea selebedi pela molomo wa ka, o lebele monyako wa melomo ya ka!

4. O se ke wa leseletsa pelo ya ka ho sekamela bobe, ke se ke ka etsa tse mpe ka lonya le ba sebetsang bokgopo, ke se ke ka latswa menate ya bona.

5. Ya lokileng a ke a nkotle, ke molemo; a ke a ntaye, ke ole hloohong ya ka; hlooho ya ka e ke ke ya e hana, hobane le jwale ke tla bea thapelo ya ka mohla a leng tsietsing.

6. Ha babusi ba bona ba dihetswe dilomong, ke moo ba tlang ho utlwa ditaba tsa ka, hobane di molemo.

7. Masapo a rona a hasane molomong wa nqalo ya bafu, jwaloka lefatshe ha le lengwa, leha le phophothwa.

8. E, Jehova Morena, mahlo a ka a lelaletse ho wena, ke tshepile wena, o se ke wa lesa bophelo ba ka ho timela!

9. O ntwele mameneng ao ba njthekelang wona, le marabeng a ba bolotsana.

10. Ba babe ba ke ba wele marabeng a bona, ke tle ke be ke phonyohele ruri.