BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Bokgopo ha bo le kahohle, morapedi o lakatsa poloko.

Ho monga baphokodi. Pesaleme ya Davida.

1. Lehlanya le itse pelong ya lona: Modimo ha o yo. Ba bodile, mesebetsi ya bona e manyala; ha ho ya etsang hantle.

2. Jehova o tadimile bara ba batho, a le lehodimong, a tle a bone hoba na o teng ya nang le kutlwisiso, ya batlang Modimo.

3. Bohle ba kgelohile, ba itshentse hammoho; ha ho ya etsang hantle, leha a le mong.

4. Na bakgopo bao kaofela ba hloka tsebo keng? Ba ja setjhaba sa ka jwalokaha ho jewa bohobe. Ha ba rapele Jehova.

5. Ba tla nne ba tshwarwe ke tshoho e mpe, etswe Modimo o le hara moloko wa ba lokileng.

6. tshwepholang ditaba tsa ya madimabe! ... Jehova ke setshabelo sa hae.

7. Hola poloko e ka tlela Iseraele, e etswa Sione! ... Mohla Jehova a kgutlisang setjhaba sa hae se holehilweng, Jakobo o tla thaba, Iseraele a nyakalle!