BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 131 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Kgotso ya motho ya hlotseng ditakatso tsa pelo ya hae.

Sefela sa Mahalothe. Sa Davida.

1. Jehova, pelo ya ka ha e na boikgohomoso, mahlo a ka ha a phahame, ha ke a ka ka tsamaya ho tse phahameng, tse mphetisang ka boholo.

2. E, ke thapisitse moya wa ka, ke bile ke o kgutsitse, jwaloka ngwana ya kgwesitsweng, ya dutseng ho mmae; kamoo ngwana ya kgwesitsweng a leng kateng, moya wa ka o jwalo kahare ho nna.

3. Iseraele, o itshepele Jehova, jwale le ka ho sa feleng!