BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 129 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Ba hloileng Sione ba tla fela.

Sefela sa Mahalothe.

1. Esale le botjheng ba ka, ba ntubile haholo,

2. — Israele a ke a rialo! — esale le botjheng ba ka, ba ntubile haholo; empa ha ba ka ba ntlhola.

3. Balemi ba lemile mokokotlo wa ka, ba isitse maselatsela a bona halelele.

4. Jehova o lokile, o kgaotse mehala ya ba babe.

5. A ba ke ba hlabiswe dihlong, ba suthe kasanthao, bohle ba hloileng Sione.

6. A ba ke ba be jwaloka jwang bo melang marulelong, bo omellang bo eso ho hole;

7. mohedi a ke ke a tlatsa letsoho la hae ka jona, ya tlamang mangata a ke ke a bo jara;

8. le bona bafeti ha ba na ho re: Jehova a le hlohonolofatse! re le hlohonolofatsa lebitsong la Jehova!