BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 127 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Kantle ho hlohonolofatso ya Modimo ha ho letho le ka tiyang.

Sefela sa Mahalothe. Sa Salomone.

1. Ekare haese Jehova ya hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lefeela; ekare haese Jehova ya bolokang motse, molebedi o fadimehela lefeela.

2. Ha ho thuso leha le tsoha le mafube, leha le robala e se e le ka phirimana, leha le ntse le eja bohobe ba kgathatso; Jehova o fa eo a mo ratang, a ntse a robetse.

3. Bonang, bara ke lefa la Jehova, mme tholwana ya popelo ya mosadi ke moputso.

4. Bana ba botjha ba rona ba jwaloka metsu letsohong la mohale.

5. Ho lehlohonolo motho eo kgohlopo ya hae e tletseng bona! A ke ke a swaba kgotla, mohla ho tsekwang ditaba le dira.