BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 126 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Pina ya ba kgutlileng kgolehong.

Sefela sa Mahalothe.

1. Enere Jehova ha a kgutlisa batshwaruwa ba Sione, ho rona ho bile jwaloka toro.

2. Yaba molomo wa rona o tshela ditlatse tsa thabo, le leleme la rona dipina tsa nyakallo. Ha nna ha thwe hara ditjhaba: Jehova o ba etseditse ntho tse kgolo.

3. E, Jehova o re etseditse ntho tse kgolo; ke sona se re thabisang.

4. Jehova, kgutlisa batshwaruwa ba rona jwaloka melatswana naheng ya Borwa.

5. Ba jalang ka meokgo, ba tla kotula ka mehoo ya thabo.

6. Mojadi o tswela pele a ntse a lla, a jere dipeo tseo a di hasang; o tla kgutla ka thabo a ntse a thotha mangata a hae.