BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 125 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Modimo ke lerako le sireletsang Iseraele bakeng sa meleko le kweneho.

Sefela sa Mahalothe.

1. Ba itshepetseng Jehova ba jwaloka thaba ya Sione e ke keng ya sisinyeha, e tiileng ka ho sa feleng.

2. Dithaba di teela Jerusalema hare; Jehova o teela setjhaba sa hae hare jwalo, jwale le ka ho sa yeng kae.

3. Hobane lere la bolotsana le ke ke la dula kabelong ya ba lokileng, esere mohlomong ba lokileng ba otlollela bokgopo matsoho a bona.

4. Jehova, etsa molemo ho batho ba molemo le ho ba pelo tse lokileng!

5. Haele ba kgelohang, ba yang ka ditsela tse tswedikaneng, Jehova a ke a ba timetse hammoho le ba sebetsang bokgopo! Kgotso e be ho Iseraele!