BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 124 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Thoko e rokang ya tsebang ho lwela motho metsing le marabeng.

Sefela sa Mahalothe. Sa Davida.

1. Hola e se be Jehova ya re lwanetseng, — Iseraele a ke a rialo! —

2. hola e se be Jehova ya re hauhetseng, mohla batho ba neng ba re phahamela,

3. ba ka be ba re hohlomeditse re ntse re utlwa, mohla bohlanya ba bona bo re tukelang;

4. mehleng eo, metsi a ka be a re kgurumeditse, mme diphororo di ka be di fetile hodima meya ya rona.

5. Metsi a phorosetsang a ka be a fetile hodima meya ya rona.

6. Ho roriswe Jehova ya sa kang a re neela ho rusollwa ke meno a bona!

7. Moya wa rona o phonyohile jwaloka nonyana lerabeng la motshwasi; leraba le ne le kgaohe, ra phonyoha.

8. Thuso ya rona e lebitsong la Jehova, ya entseng mahodimo le lefatshe.