BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 123 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Modimo o tshepuwe nakong yu ditshomo.

Sefela sa Mahalothe.

1. Ke phahamisetsa mahlo ho wena, ya dutseng mahodimong!

2. Bonang, jwaloka mahlo a bahlanka ha a tadima matsoho a benghadi ba bona, le mahlo a lekgabunyane ha a tadima letsoho la mofumahadi wa lona, mahlo a rona a tadima Jehova, Modimo wa rona, jwalo, ho fihlela a ba a re utlwela bohloko!

3. O re utlwele bohloko, Jehova, o re utlwele bohloko! Hobane re se re kgotshe sekgobo haholo;

4. moya wa rona o se o kgotshe ditshomo tsa baikakasi le dinyediso tsa baikgohomosi.