BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 121 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Monate wa poloko ya Modimo.

Sefela sa Mahalothe.

1. Ke lelaletsa mahlo a ka dithabeng; thuso ya ka e tla tswa kae?

2. Thuso ya ka e tswa ho Jehova, ya entseng mahodimo le lefatshe.

3. A ke ke a leseletsa leoto la hao ho kgothometseha; molebedi wa hao a ke ke a otsela.

4. Bona, ha a otsele, ha a robale, molebedi wa Iseraele.

5. Jehova ke molebedi wa hao; Jehova ke moriti wa hao tsohong la hao le letona.

6. O ke ke wa batwa ke letsatsi ka nyene, leha e le ke kgwedi ka bosiu.

7. Jehova o tla o sireletsa bobeng bohle; o tla boloka moya wa hao.

8. Leha o ka tloha, leha o ka kgutla, Jehova o tla o baballa, jwale le ho isa ho sa feleng.