BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 115 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Ho rapelwa Modimo wa Iseraele hore o tlotlise lebitso la wona.

1. Kganya ya hao, Jehova, se e nee rona; se e nee rona, o mpe o e nee lebitso la hao, ka baka la mohau wa hao le la nnete ya hao!

2. Ke kang ha ditjhaba di tla re: Na jwale Modimo wa bona o kae?

3. Athe Modimo wa rona o mahodimong; o etsa tsohle tseo o di ratang.

4. Ditshwantsho tsa bona ke silefera le kgauta, mosebetsi wa matsoho a batho.

5. Di na le melomo, mme ha di bue; di na le mahlo, mme ha di bone;

6. di na le ditsebe, mme ha di utlwe; di na le dinko, mme ha di fofonele;

7. di sitwa ho tshwara ka diatla tsa tsona; ka maoto a tsona ha di tsamaye, ha ho lentswe le tswang mmetsong wa tsona.

8. Kamoo di leng kateng, ba di etsang ba tla ba jwalo, le bohle ba beang tshepo ya bona ho tsona.

9. Iseraele, o itshepele Jehova: ke yena thuso ya bona le thebe ya bona.

10. Ntlo ya Aarone, o itshepele Jehova: Ke yena thuso ya bona le thebe ya bona.

11. Lona ba tshabang Jehova, itshepeleng Jehova: ke yena thuso ya bona le thebe ya bona.

12. Jehova o re hopotse; o tla re hlohonolofatsa; o tla hlohonolofatsa ntlo ya Iseraele; o tla hlohonolofatsa ntlo ya Aarone;

13. o tla hlohonolofatsa ba tshabang Jehova, ba banyenyane le ba baholo.

14. Jehova o tla le atisa, lona le bana ba lona.

15. Le bahlohonolofatswa ba Jehova, ya entseng mahodimo le lefatshe.

16. Haele mahodimo, ke mahodimo a Jehova, mme lefatshe o le neile bana ba batho.

17. Hase bafu ba ka rokang Jehova, leha e le ba theohelang nqalong e kgutsitseng;

18. empa rona, re tla boka Jehova, jwale le ho isa ho bo sa feleng! Bokang Jehova!