BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Tshepo ya motho ha a le tsietsing ya ho timela.

Ho monga baphokodi. Pesaleme ya Davida.

1. Ke beile tshepo ya ka ho Jehova; na le ka re ho moya wa ka jwang: Balehela dithabeng tsa heno jwaloka nonyana?

2. Hobane, bonang, bakgopo ba koba diqha tsa bona, ba tjheha metsu ya bona lesikeng, ho phosetsa batho ba pelo tse lokileng lefifing.

3. Ha metheo e helehile, ya lokileng a ka etsa jwang?

4. Jehova o sehalalelong sa hae, Jehova o na le terone ya hae mahodimong; mahlo a hae a bona, dintshi tsa hae di leka bana ba batho.

5. Jehova o lekola ya lokileng; moya wa hae o hloile ya kgopo le ya ratang sehloho.

6. O nesetsa bakgopo mashala le mollo le sebabole; moya o tjhesang ke sona senwelo seo ba se abetsweng.

7. Hobane Jehova o lokile, o rata ketso tse lokileng; batho ba lokileng ba boha sefahleho sa hae.