BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 109 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Thohako e rohakang ya ratang bobe ho ena le botle.

Ho monga baphokodi. Pesaleme ya Davida.

1. Oho Modimo oo ke o rorisang, o se ke wa ikgutsetsa!

2. Hobane molomo wa e mobe le molomo wa mothetsi e nkahlametse ho ntwantsha;

3. ba bua le nna ka leleme le leshano, ba nteela hare ka mantswe a hloyo, ba ntwantshetsa lefeela!

4. Bakeng sa lerato la ka ba ipeile dira ho nna; empa nna, ha ke phetse ho rapela.

5. Ba ntefela botle ka bobe, le lerato ka hloyo.

6. O neele motho ya jwalo matleng a e mobe, mme moqosi a eme lehlakoreng la hae le letona.

7. A tlohe kahlolong a tswilwe, thapelo ya hae a e ballwe sebe!

8. Matsatsi a hae e be a se makae, e mong a ikgapele kabelo ya hae!

9. Bana ba hae e ke e be dikgutsana, mosadi wa hae e be mohlolohadi.

10. Bana ba hae e ke e be melele e kopang, ba sikile hole le ntlo ya bona e senyehileng.

11. Eo a namileng ho yena a a ke a je tseo a nang le tsona kaofela, basele ba ke ba lobele tseo a di ruileng ka ho sebetsa ha hae.

12. A ho se be motho ya mo etsetsang mohau, ho se be ya utlwelang dikgutsana tsa hae bohloko!

13. Ditloholo tsa hae di ke di timetswe, lebitso la hae le timele molokong o hlahlamang.

14. Makgopo a bontatae a ke a boele a fihle kelellong pela Jehova, sebe sa mmae se se ke sa hlakolwa;

15. di mpe di ke di be pela Jehova kamehla, a fedise ho hopola ha bona lefatsheng!

16. Hobane ha a ka a hopola ho etsa ka mohau; empa o hlorisitse motho ya madimabe, le ya lesitsi, le mohlomohi, a tle a tlose bophelo ba bona.

17. O ratile thohako; a e ke e mo wele hodimo! Ha a ka a thabela ho hlohonolofatsa, lehlohonolo a le ke le be hole le yena!

18. O ne a ipopa ka thohako jwaloka hola ke kobo, ya monyella ka ho yena jwaloka metsi, le jwaloka ole masapong a hae.

19. E ke e be ho yena jwaloka kobo eo a ikgatumetsang ka yona, le jwaloka senyepa seo a itlamang ka sona kamehla!

20. E be moputso oo ka wona Jehova a putsang sera sa ka le ba bolelang bobe hodima ka.

21. Empa wena, Jehova, Morena, o nthuse ka baka la lebitso la hao, hobane lereko la hao le molemo;

22. o mpoloke, hobane ke ya madimabe le ya lesitsi, mme pelo ya ka e hlabehile kahare ho nna.

23. Ke ikela jwaloka moriti o otlolohang, ke akgelwa hohle ke moya jwaloka tsie.

24. Mangole a ka a tetema ke ho itima dijo, bohakolo bo monyehile mmeleng wa ka o otileng.

25. Ke neetswe ditshomo tsa bona, ha ba ntadima ba sisinya dihlooho tsa bona.

26. O nthuse, Jehova, Modimo wa ka! O mpoloke ka mohau wa hao,

27. ba tle ba tsebe hobane ke letsoho la hao, ke wena, Jehova, ya entseng hoo!

28. Bona, ba tla rohaka, empa wena, o tla hlohonolofatsa; ha ba tsoha, ba tla tsieleha, mohlanka wa hao a ithabele.

29. Bahanyetsi ba ka ba tla apeswa ka dihlong, mme kgoboho ya bona e ba kgathumetse jwaloka kobo.

30. Ke tla rorisa Jehova ka molomo wa ka le ka lentswe le phahameng; ke tla mo roka hara bongata,

31. hobane o eme lehlakoreng le letona la ya lesitsi, o mo lopolla ho ba mo tswileng.