BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 108 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Baiseraele ba tshepiswa hore ba tla hlola le ho busa ditjhaba tse ngata.

Sefela. Pesaleme ya Davida.

1. Oho Modimo, pelo ya ka e tiile. Ke tla bina dipina, e, ke tla bina dithoko, le yona kganya ya ka e tla o roka.

2. Phaphamang, lona, pesalterine ya ka le harepa ya ka! Ke tla tsoha le mafube!

3. Ke tla o rorisa, Jehova, hara merabe, ke o binele hara ditjhaba.

4. Hobane mohau wa hao o phahame hodimo ho mahodimo, mme nnete ya hao e fihla marung.

5. Modimo, o ke o iphahamise hodimo ho mahodimo, kganya ya hao e kganyetse lefatshe lohle.

6. Pholosa ka letsoho la hao le letona, o re utlwe, baratuwa ba hao ba tle ba bolokehe.

7. Modimo o buile sehalalelong sa wona; ke tla ithabisa ka hona; o itse: Ke tla arola Sikeme, ke lekanye sekgutlo sa Sukkothe.

8. Gileade ke wa ka; Manasse ke wa ka, Efraime ke tshireletso ya hlooho ya ka; Juda ke eo ke mmeileng ho laela melao ya ka;

9. Moabe ke morifi oo ke hlapelang ho wona; ke tla akgela seeta sa ka hodima Edomo; ke tshele ditlatse tsa thabo ka Filestia.

10. Ke mang ya tla nkisa motseng o matla? Ke mang ya tla ntsamaisa ho fihlela Edomo?

11. Na hase wena, Modimo, o neng o re lahlile; wena, Modimo, o neng o sa hlole o tsamaya le makgotla a rona?

12. O re thuse, re tle re hlole dira tsa rona, hobane thuso ya motho ke lefeela.

13. Ka Modimo re tla hlola, ke wona o tlang ho hatakela dira tsa rona ka maoto.