3. Le fele le lemohe ya mameletseng kganyetso e kalo ya baetsadibe, le tle le se ke la kgathala ke ho fellwa ke dipelo.
4. Ha le eso ho lwane madi a ba a hlaha, ntweng eo le e lwanang le sebe.
5. Mme le lebetse kgothatso ya Modimo kamoo o buang le lona kateng, ka ho re, le bana ba wona, ha o re: Mora wa ka, se nyatse tayo ya Morena, mme o se ke wa tepella ha o kgalemelwa ke yena;
6. hobane Morena o ye e laye eo a mo ratang, mme a shape mora e mong le e mong eo a mo amohelang.
7. Ekare ha le mamella ho lauwa, Modimo o le etsa jwaloka bara ba wona, hobane ke ofe mora eo ntatae a sa mo layeng?
8. Ha le ke ke la lauwa, e leng hoo bohle ba nang le kabelo teng, ke ha le mpa le le bana ba bonyatsi, e seng bara ba sebele.
9. Mme ha esitile bontata rona ka nama ba re laile, mme re ba hlonephile, na haholoholo re ke ke ra utlwa eo e leng Ntata meya, re tle re phele na?
10. Athe bao ba re laile ka ditshiu di se kae, kamoo ba neng ba bona tshwanelo kateng; empa Morena o re laya ho re batlela molemo, re tle re be le kabelo kgalalelong ya hae.
11. Empa tayo ha e hlahela motho, ha ho bonahale kamoo e ka mo thabisang kateng; e a mo llisa; empa hamorao, ba rutwang ka yona e ba kotudisa kgotsong ditholwana tsa ho loka.
12. A le ke le tiiseng ke hona matsoho a tepeletseng le mangwele a tetemang;
13. mme le etsetse maoto a lona ditsela tse lokileng, hore se hlotsang se se ke sa nonyetsehela ruri, se mpe se fole.